Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng?
Mattheu 6:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane? Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo ha o apesa jwalo jwang ba naha, bo bang teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa, lona batho ba tumelo e nyenyane? BIBELE Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta? Baasraak Sotho NT Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane? |
Jesu a phakisa a otlolla letsoho la hae, a mo tshwara, a re ho yena: “Wena ya tumelo e nyenyane, o belaeletse’ng?
Jesu a araba a re: “Oho moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise kwano ho nna.
A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo.
A mo araba, a re: “Moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise ho nna.
Haeba Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping; a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?
Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng, mme ke le mamella? Tlisa mora wa hao kwano.
A ntoo re ho Thomase: Ntsha monoana wa hao mona, mme o bone matsoho a ka; mme o tlise letsoho la hao mona, o le kenye lehlakoreng la ka: mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang.
Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.
Hobane nama yohle e jwaloka jwang, le kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Joang boa omella, ’me palesa ea bona ea oa;