Mattheu 5:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona. BIBELE Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona. Baasraak Sotho NT Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona. |
Jesu a re: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.
Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.
Eitse ha Jesu a bona hoo, a halefa, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
Empa o tla newa ha lekgolo jwale nakong ena, matlo, le banababo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le dihloriso; mme mehleng e tlang, bophelo bo sa feleng.
Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba le neele masinagogeng le diteronkong, le iswe pela marena le babusi ka baka la lebitso la ka.
A lelaletsa mahlo a hae ho barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.
Ho lehlohonolo lona, ha batho ba le hloya, mme ba le arola ho bona, ba le nyedisa, ba lahla lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora motho.
Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.
Ba mo dumela, mme ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba bua ka lebitso la Jesu, mme ba ntoo ba lokolla.
Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.
Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;
Le se ke la tshoha bahanyetsi ba lona ka letho; hoo e leng pontsho ya tshenyeho ho bona, empa ho lona e tla ba pontsho ya poloko, e tswang ho Modimo.
Dihloriso le ditlokotsi tse ileng tsa ntlhahela Antioke, Ikoniamo, Lystra; dihloriso tseo ke di mameletseng: empa Morena o nkgolotse ho tsona kaofela.
Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko, hobane mohla a lekilweng, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Jehova a o tshepisitseng ba mo ratang.
Bonang, re re ho lehlohonolo ba mameletseng. Le utloile ka mamello ea Jobo, ’me le bone qetello ea Jehova; hore Jehova o mohau haholo, o mohau.
E seng jwaloka Kaine, eo e neng e le wa e mobe, mme a bolaya ngwanabo. Mme o mmolaile keng? Hobane mesebetsi ya hae e ne e le mebe, mme ya ngwanabo e lokile.
O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.