Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana; Wa pele ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo;
Mattheu 4:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng; Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi. BIBELE Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi. Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng; |
Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana; Wa pele ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo;
Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.
A boela a tloha naheng ya Tire, a ya Sidone, a ya lewatleng la Galelea, a haola le dinaha tsa Dekapolise.
Simone, eo a mo reileng Petrose, le Andrease, ngwanabo, Jakobo le Johanne, Filipi le Bartholome,
Kamora tseo, Jesu a boela a iponahatsa ho barutuwa ba hae pela lewatle la Tiberiase; mme a iponahatsa ka tsela ena.