Mattheu 3:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona. Sesotho 1909/1961 (SO) mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona. BIBELE ba kolobetswa ke yena nokeng ya Jorodane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona. Baasraak Sotho NT Ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona. |
Naha yohle ya Judea le bohle ba Jerusalema ba tswela ho yena, mme a ba kolobetsa nokeng ya Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.
Johanne a araba, a re ho bona bohle: “Ruri, nna ke le kolobetsa ka metsi; empa ho tla e mong ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae: o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo;
Hobane Johanne o hlile o kolobeditse ka metsi; empa le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ho se ho fetile matsatsi a seng makae.
Yaba ke hopola lentswe la Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Efela Johanne o kolobeditse ka metsi; empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.
Jwale, o diehellang? ema, o kolobetswe, mme o hlatswe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.
Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung.
E leng tse di jewang feela, le dino, le dihlatso tse fapaneng, le melao ya nama, e beilweng ho isa nakong ya tokiso.
Ipolelelanang ditlolo tsa lona, mme lo rapelelane, gore lo tle lo fole. Thapelo ya motho ya lokileng e na le matla a maholo ha e sebetsa.
Seswantšho se se swanago le seo le kolobetšo e re phološago gona bjale (e sego go tlošwa ga ditšhila tša nama, eupša e le karabelo ya letswalo le lebotse go Modimo) ka tsogo ya Jesu Kriste.
Ha re bolela dibe tsa rona, o a tshepeha, o lokile, ho re tshwarela dibe, le ho re hlatswa bokgopo bohle.