Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
Mattheu 3:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Matsatsing ao ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ntse a ruta lefeelleng la Judea, Sesotho 1909/1961 (SO) Mehleng eo, ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ruta feelleng la Judea. BIBELE Mehleng eo ha hlaha Johanne Mokolobetsi; a ruta feelleng la Judea, Baasraak Sotho NT Matsatsing ao ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ntse a ruta lefeelleng la Judea, |
Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
Eitse ha ba tsamaya, Jesu a qala ho bolella matshwele bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang lefeelleng? Lehlaka le tsokoang ke moea?
Ba re: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, ke Jeremia, kapa e mong wa baporofeta.
Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena;
Jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o lokisetsa tsela.
Eitse hobane manqosa a Johanne a tlohile, a qala ho bolella bongata ka Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? Lehlaka le tsokoang ke moea?
Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.