Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke re ho lona: Kannete, hara ba tswetsweng ke basadi, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Ruri ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahe ya fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o mo feta ka boholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:11
31 Referencias Cruzadas  

Hobane ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka ka pele ho sefahleho sa hao, le tla o lokisa tsela pela hao.


Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o ntse o futuha, mme bahale ba o hapa.


Matsatsing ao ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ntse a ruta lefeelleng la Judea,


Haele nna, ke le kolobetsa ka metsi pakong;


Ka baka leo, mang le mang ya tlolang o mong wa melao ena e menyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo;


Hobane o tla ba moholo mahlong a Morena, mme a ke ke a nwa veine kapa seno se tahang; mme o tla tlala Moya o Halalelang ho tloha popelong ya mmae.


Hobane ke re ho lona: Har’a ba tswetsweng ke basadi ha ho moporofeta e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa Modimo o moholo ho yena.


A re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana enwa ka lebitso la ka, o a nkamohela, mme e mong le e mong ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng;


Johanne o mo pakile, a howa, a re: Enwa ke yena ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o bile teng pele ho nna;


Ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo leqhwele la seeta sa hae ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.


Ba bangata ba tla ho yena, ba re: Johanne ha a ka a etsa mohlolo;


Ene o tshwanetse go gola, mme nna ke fokotsege.


Yena e ne e le lesedi le tukang, le kganyang, mme lona le ne le ratile ho thabela lesedi la hae ka nako e itseng.


(Empa o ne a bua ka Moya oo ba dumelang ho yena ba neng ba tla o amohela, hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho newe, hobane Jesu o ne a eso tlotliswe.)


Hobane ke e monyenyane ho baapostola, ya sa tshwanelang ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


Ekare ha le ahlola ditaba tsa bophelo bona, le ba bee ba ahlolang ba nyatsehang phuthehong.


Bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang.


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Empa jwale e bonahatswa ka ho hlaha ha Mopholosi wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, mme a hlahisa bophelo le ho se shweng ka Evangeli.


Hobane Modimo o re lokiseditse ho hong ho molemo, hore bona ba se ke ba phetheha kantle ho rona.


Poloko eo baporofeta ba ileng ba e batlisisa, ba e batlisisa, ba porofetile tsa mohau o tlang ho le hlahela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos