A bua taba tseo, mme kamora moo a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya, ke tle ke mo tsose borokong.
Mattheu 27:52 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mabitla a buleha; mme mebele e mengata ya bahalaledi ba robetseng ya tsoha; Sesotho 1909/1961 (SO) mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha. BIBELE mabitla a buleha, ditopo tsa bahalaledi ba bangata ba ithobaletseng tsa tsoha; Baasraak Sotho NT Mabitla a buleha; mme mebele e mengata ya bahalaledi ba robetseng ya tsoha; |
A bua taba tseo, mme kamora moo a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya, ke tle ke mo tsose borokong.
A kgumama, a howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena. Eitse hobane a bue jwalo, a ithoballa.
Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang le ba kulang hara lona, mme ba bangata ba robetse.
Hobane ha re dumela hoba Jesu o shwele, a ba a tsoha, ka mokgwa o jwalo le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tlisa le yena.