Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:52 - BIBELE

52 mabitla a buleha, ditopo tsa bahalaledi ba bangata ba ithobaletseng tsa tsoha;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

52 Mabitla a buleha; mme mebele e mengata ya bahalaledi ba robetseng ya tsoha;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

52 Mabitla a buleha; mme mebele e mengata ya bahalaledi ba robetseng ya tsoha;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:52
13 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng, batho ba ne ba epela setopo, mme ba bona lebothwana la bahlabani. Ba akgela setopo ka lebitleng la Elisha, ba baleha. Ha setopo se thetsa masapo a Elisha, sa tsoha, motho eo a ema ka maoto a hae.


Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.


Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle.


“Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!


A bolela ditaba tsena, mme kamorao ho moo a re ho bona: “Lasaro, motswalle wa rona, o robetse, empa ke a ya, hore ke tle ke mo tsose.”


Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.


Ke ka baka leo ho nang le ba bangata hara lona, ba kulang le ba fokolang, mme ba bangata ba se ba shwele.


Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.


Mamelang, ke le bolelle sephiri: Ha re na ho shwa kaofela, empa kaofela re tla fetoha,


Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tsosa bafung jwaloka Jesu.


ya re shwetseng, e le hore, leha re fadimehile kapa re robetse, re tle re phele mmoho le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos