Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:52 - Sesotho 1909/1961 (SO)

52 mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

52 mabitla a buleha, ditopo tsa bahalaledi ba bangata ba ithobaletseng tsa tsoha;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

52 Mabitla a buleha; mme mebele e mengata ya bahalaledi ba robetseng ya tsoha;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

52 Mabitla a buleha; mme mebele e mengata ya bahalaledi ba robetseng ya tsoha;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:52
13 Referencias Cruzadas  

Eitse mohlomong, ha ho patwa mofu, ba bona ho hlaha sehlopha. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la Elisha, mme mofu ha a thetsa masapo a Elisha, yaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto.


O tla fedisa lefu ka ho sa yeng kae; Morena Jehova o tla fedisa meokgo difahlehong tsohle, a fedise sekgobo sa setjhaba sa hae lefatsheng lohle, hobane Jehova o boletse.


Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.


Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.


Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.


Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong.


A ntoo kgumama, a howa ka lentswe le leholo, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena! Yare ha a buile jwalo, a ithoballa.


Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang, le ba kulang hara lona; mme ba bangata ba se ba bile ba shwele.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle,


Hobane ha re dumetse hoba Jesu o kile a shwa, a ba a tsoha, le hona re tshwanetse ho dumela hoba ba ithobaletseng, Modimo o tla ba tsosa ka Jesu, mme o ba hlahise le yena.


ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos