Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
Mattheu 25:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mawatla a re ho ba bohlale: Re feng ole ya lona; hobane mabone a rona a a tima. Sesotho 1909/1961 (SO) Mawatla a re ho ba bohlale: Le re qhatsetse ole, hobane dilampi tsa rona di a tima. BIBELE Dithoto tsa re ho ba bohlale: ‘Re qhatsetseng ole ya lona, kahobane mabone a rona a a tima.’ Baasraak Sotho NT Mawatla a re ho ba bohlale: Re feng ole ya lona; hobane mabone a rona a a tima. |
Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
Empa ba bohlale ba araba, ba re: Che; esere mohlomong ha a ka a lekana rona le lona, le mpe le ye ho ba bapatsang, le ithekele.
A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele, o rome Lasaro, a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka; hobane ke hlokofatsoa ke lelakabe lena.
Ke gone, tlhokomelang ka fa lo utlwang ka teng; mme mang le mang ya se nang letho, ho yena o tla amohuwa le seo a bonahalang a na le sona.
Simone a araba, a re: Nthapelleng ho Morena, hore ke tle ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.
Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona.
Bona, ke tla o neela ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba bua leshano; bona, ke tla etsa hore ba tle ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tle ba tsebe hoba ke o ratile.