Mattheu 24:36 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang; esita le mangeloi a lehodimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a nnotshi. BIBELE “Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela. Baasraak Sotho NT Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, haese Ntate feela. |
Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng.
Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Empa malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, leha e le Mora, haese Ntate feela.
A re ho bona: “Ha se taba ya lona ho tseba dinako le mehla, tseo Ntate a di beileng matleng a hae.
Hobane le lona le tseba hantle hore letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu.
Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.
Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.
Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona.