Mattheu 21:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho bona: Le nna ke tla le botsa taba e le nngwe; Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a ba araba, a re: Ke tla le botsa taba le nna; ekare ha le mpolella yona, le nna ke tla le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona. BIBELE Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena. Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho bona: Le nna ke tla le botsa taba e le nngwe; |
Eitse ha a kena ka Tempeleng, ha a ntse a ruta, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ba re: “Tseo o di etsa ka matla afe? mme ke mang ya o neileng matla ao?
Kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? lehodimong, kapa ho batho? Mme ba eletsana, ba re: Ha re ka re: E ne e etswa lehodimong; o tla re ho rona: Ke ka baka lang ha le sa ka la mo dumela?
Jesu a re ho bona: Ke tla le botsa taba e le nngwe; Na ho lumelletsoe ho etsa hantle kapa ho etsa bobe ka sabatha? ho pholosa bophelo, kapa ho bo timetsa?
Polelo ya lona e ke e be ya mohau kamehla, e nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.