Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 4:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Polelo ya lona e ke e be ya mohau kamehla, e nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Polelo ya lona e ke e be ya mohau kamehla, e nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 4:6
33 Referencias Cruzadas  

Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le tapile, le ka nokwa kang? ha o sa na thuso, haese ho lahlelwa ntle, le ho hatakelwa ke batho.


Letswai le molemo, empa ha letswai le tapile, le ka le noka ka eng? Le be le letsoai ka ho lona, ’me le be le khotso har’a lōna.


Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na?


Polelo e mpe e se ke ya tswa melomong ya lona, ha e se e molemo ya ho aha ba e utlwang, e tle e hlahise mohau ho ba e utlwang.


A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.


Le mpe le halaletse Morena Modimo ka dipelong tsa lona, mme le itokise kamehla ho fana ka karabo ho e mong le e mong ya le botsang lebaka la tshepo e ho lona, ka bonolo le ka tshabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos