La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 21:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

A ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania; mme a robala teng.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba o a ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania, mme a robala teng.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

A ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania; mme a robala teng.

Ver Capítulo



Mattheu 21:17
16 Referencias Cruzadas  

Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela.


Eitse ha Jesu a le Bethania, tlung ya Simone molepera.


Eitse ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, thabeng ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi,


Jesu a kena Jerusalema, a kena ka Tempeleng, mme yare ha a qamaka dintho tsohle, ha e se e le mantsiboya, a tswela Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.


Eitse ha e se e le mantsiboya, a tswela kantle ho motse.


Yare ha a le Bethania, tlung ya Simone wa molepera, a dutse dijong, ha tla mosadi ya tshwereng setlolo sa alabastera, se nang le setlolo sa nareda ya sebele, sa theko e thata; mme a pshatla lekuka, a le tshollela hloohong ya hae.


Empa Jesu a tloha le barutuwa ba hae, ba ya lewatleng, mme bongata bo boholo ba batho ba tswang Galelea le Judea ba mo latela.


Yare ha ba ntse ba tsamaya, a kena motsaneng o mong, mme mosadi e mong ya bitswang Maretha a mo amohela tlung ya hae.


Eitse ha a se a atametse Bethefage le Bethania, thabeng e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi.


Yaba o ba etella pele ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho a hae, a ba hlohonolofatsa.


Jwale ho ne ho ena le monna ya kulang, ya bitswang Lasaro, wa Bethania, motsaneng wa habo Maria le Maretha, kgaitsedi ya hae.


Jwale Bethania e ne e le haufi le Jerusalema, sebaka sa distadia tse ka bang leshome le metso e mehlano.