Mattheu 2:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema, Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema, BIBELE Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela, Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema, |
Heroda, ha a bona hobane o songoa ke ba Bohlale, a halefa haholo, a romela ho bolaea bana bohle ba Bethlehema le mathokong ’ohle a teng, ho qala ka ba lilemo tse peli ho ea tlaase, ho ea ka molao nako eo a neng a botsitse ka eona ho banna ba bohlale.
Eitse hobane Heroda a timele, lengeloi la Jehova la iponahatsa ho Josefa torong, Egepeta.
Ba re ho yena: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ha thwe:
Jwale, Heroda a biletsa ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e hlahileng ka yona.
Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista e mong, ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia, le mosadi wa hae e le e mong wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha.
Yare ha mangeloi a tlohile ho bona a ya lehodimong, badisa ba bolellana, ba re: A re yeng jwale Bethlehema, re tle re bone taba ena e hlahileng, eo Jehova a re tsebisitseng yona.
A Lengolo ha le a bolela hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng?