Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng.
Mattheu 19:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Kannete ke re ho lona: Ho tla ba thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o bolella barutuwa ba hae, a re: Kannete ke re ho lona: Ho thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo. BIBELE Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ruri ke a le bolella: Ho tla ba thata hore morui a kene Mmusong wa mahodimo. Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Kannete ke re ho lona: Ho tla ba thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo. |
Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng.
A re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa sokolohe, la ba jwaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.
Ke ofe ho ba babedi bao ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: balekgetho le diotswa ba le etella pele ho kena mmusong wa Modimo.
Hobane ke re ho lona: Ho loka ha lona ha ho sa fete ho ba bangodi le ba Bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo le ka mohla o le mong.
Jesu a qamaka, a re ho barutuwa ba hae: Ho tla ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!
Jesu ha a mmona hobane o swabile haholo, a re: Ho tla ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!
Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe la bobedi, a ke ke a bona mmuso wa Modimo.
Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.
Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Bana beso, le lemohe pitso ya lona hore ha se ba bangata ba bohlale ka mokgwa wa nama, ha ho ba bangata ba matla, ha ho batlotlehi ba bangata.
Empa le nyedisitse bafumanehi. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng a dikgotla na?