Mattheu 19:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ho na le maqhalaha a tswetsweng jwalo ho tloha popelong ya bomma bona; hape ho na le maqhalaha a entsweng maqhalaha ke batho, mme ho na le ba ikentseng maqhalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ea khonang ho e amohela, a e amohele. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane maqhalaha a teng a tswetsweng a le jwalo dimpeng tsa bomma wona; mme maqhalaha a teng a entsweng maqhalaha ke batho, mme maqhalaha a teng hape a iketseng mahqalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ya ka utlwisisang taba eo, a e utlwisise. BIBELE hobane ho na le ba tswetsweng e le mahaole; ho na le mahaole a entsweng mahaole ke batho, mme ho na le ba ikentseng mahaole ka baka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka amohelang hona, a ke a ho amohele.” Baasraak Sotho NT Hobane ho na le maqhalaha a tswetsweng jwalo ho tloha popelong ya bomma bona; hape ho na le maqhalaha a entsweng maqhalaha ke batho, mme ho na le ba ikentseng maqhalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ea khonang ho e amohela, a e amohele. |
Empa nna ha ke a ka ka sebedisa le e nngwe ya tsona, leha e le ho ngola taba tseo, hore ho etswe jwalo ho nna;
Na ha re na matla a ho tsamaya le kgaitsedi, le mosadi, le baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?
Bana ke ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; hobane ke barwetsana. Ke bona ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bao ba lopolotswe hara batho, e le dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.