Mattheu 17:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a araba, a re ho Jesu: Morena, ho hotle ha re le mona; e ’ngoe bakeng sa hao, e ’ngoe bakeng sa Moshe, e ’ngoe bakeng sa Elia. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Petrose o bua, a re ho Jesu: Morena, ho molemo ha re ka dula mona; ha o rata, a re keng re etse metlotlwane e meraro mona: o mong e be wa hao, o mong e be wa Moshe, o mong e be wa Elia. BIBELE Petrose a re ho Jesu: “Morena, ke hantle ha re le mona; ha o rata ke tla hloma maphephe a mararo mona, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.” Baasraak Sotho NT Petrose a araba, a re ho Jesu: Morena, ho hotle ha re le mona; e ’ngoe bakeng sa hao, e ’ngoe bakeng sa Moshe, e ’ngoe bakeng sa Elia. |
Eitse ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: Rabbi, ho hotle ha re ka dula mona; e mong e be wa hao, e mong e le wa Moshe, e mong e be wa Elia, a sa tsebe seo a se bolelang.
Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.
Hobane ke tsielehile pakeng tsa tse pedi, ke na le takatso ya ho tloha ho ya ba le Kreste; e leng molemo ho feta:
Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme ha ho eso bonahatswe seo re tla ba sona; hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.
Motse o ne o sa hloke letsatsi, leha e le kgwedi ho o bonesetsa, hobane kganya ya Modimo e ne e o bonesa, mme lesedi la wona ke Konyana.