Mattheu 17:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba a re: “Oho moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise kwano ho nna. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna. BIBELE Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!” Baasraak Sotho NT Jesu a araba a re: “Oho moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise kwano ho nna. |
Mme Jesu a kgalemela Diabolosi; a tloha ho yena, mme ngwana a fola ho tloha ka yona nako eo.
Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?
A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo.
Kamora tseo, a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong, mme a ba kgalemela ka ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba ne ba sa dumele ba mmoneng ha a se a tsohile bafung.
A mo araba, a re: “Moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise ho nna.
Yaba o re ho bona: “Oho, mahlanya, le dipelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!
Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho fihlela neng, mme ke le mamella? Tlisa mora wa hao kwano.
A ntoo re ho Thomase: Ntsha monoana wa hao mona, mme o bone matsoho a ka; mme o tlise letsoho la hao mona, o le kenye lehlakoreng la ka: mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang.
A paka ka dipolelo tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng molokong ona o kgopo.