A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.
Mattheu 13:33 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba bolella setshwantsho se seng; Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a e nkileng, a e pata ka tekanyong tse tharo tsa phofo, ya ba ya bela kaofela. Sesotho 1909/1961 (SO) A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela. BIBELE A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.” Baasraak Sotho NT A ba bolella setshwantsho se seng; Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a e nkileng, a e pata ka tekanyong tse tharo tsa phofo, ya ba ya bela kaofela. |
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.
Hoja Morena ha a ka a kgutsufatsa matsatsi ao, ho ka be ho se motho ya tla pholoha, empa ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng, o kgutsufaditse matsatsi ao.
O tshwana le tomoso, eo mosadi a e nkileng, a e pata ka tekanyong tse tharo tsa phofo, ya ba ya bela kaofela.
Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng, o a le tlosa, mme lekala le leng le le leng le behang o a le hloekisa, hore le tle le behe haholo.
Ke ntse ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi o motle ho lona o tla o phetha ho fihlela letsatsi la Kreste Jesu.
Mme ke rapella sena, hore lerato la lona le ka ata ka ho fetisisa tsebong le kahlolong yohle;
Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.