Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.
Mattheu 13:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, ha a na metso ka ho yena, empa o hlola ka nakwana, mme etlare ha mahlomola le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, o a kgoptjwa hanghang. Sesotho 1909/1961 (SO) a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe. BIBELE empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha. Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, ha a na metso ka ho yena, empa o hlola ka nakwana, mme etlare ha mahlomola le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, o a kgoptjwa hanghang. |
Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.
Mme ba kgoptjwa ke yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho, haese naheng ya habo, le tlung ya hae.
Yaba Jesu o re ho bona: Lona bohle le tla kgoptjwa ka baka la ka bosiung bona, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.
Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong.
Ba lefikeng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo; mme bana ha ba na motso, ba dumelang ka nakwana, mme mohla moleko ba wa.
Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete ke re ho lona: Le mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la kgora.
Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.
Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ke bona ba le qobellang ho bolla; feela ba tle ba se ke ba hlorisetsoa sefapano sa Kreste.
Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.
Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;
Ke ntse ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi o motle ho lona o tla o phetha ho fihlela letsatsi la Kreste Jesu.
Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.
Hobane bohle re kgopisa bohle. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe puong, eo ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle ka tōmo.
Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.
Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.