Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa naha ya Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta ya motse oo.
Mattheu 12:36 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke re ho lona: Lentswe le leng le le leng la lefeela leo batho ba le buang, ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng. BIBELE Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo, Baasraak Sotho NT Empa ke re ho lona: Lentswe le leng le le leng la lefeela leo batho ba le buang, ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo. |
Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa naha ya Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta ya motse oo.
Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa Tire le Sidone ka letsatsi la kahlolo ho feta bakeng sa lona.
Hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, mme ka dipolelo tsa hao o tla ahlolwa.
Ka letsatsi leo ka lona Modimo o tla ahlola diphiri tsa batho ka Jesu Kreste, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka.
Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona.