Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 3:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Leleme ke mollo, ke lefatshe la bokgopo; mme e tjheswa ka mollo wa dihele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Leleme ke mollo, ke lefatshe la bokgopo; mme e tjheswa ka mollo wa dihele.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:6
62 Referencias Cruzadas  

Empa Bafarisi, ha ba utlwa, ba re: Motho enwa ha a leleke batemona, haese ka Belsebule morena wa batemona.


Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya halefelang ngwanabo ntle ho lebaka, o tla tshwanelwa ke kahlolo; o tla ba kotsing ya mollo wa dihele.


Ha ho letho le tswang kantle ho motho le ka kenang ka ho yena le ka mo silafatsang; empa tse tswang ho yena, ke tsona tse silafatsang motho.


A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele, o rome Lasaro, a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka; hobane ke hlokofatsoa ke lelakabe lena.


Le ho lona ho tla hlaha banna, ba tla bua ditaba tse kgopo, ho ikhulela barutuwa hore ba ba sale morao.


Petrose a re: Ananiase, ke ka baka lang Satane a tlatsitse pelo ya hao ho thetsa Moya o Halalelang, le ho itshiela karolo ya theko ya tshimo?


Ba emisa dipaki tsa bohata tse itseng: “Monna enwa ha a phetse ho bua mantswe a nyefolang nqalo ena e halalelang le Molao.


Ba melomo ya bona e tla thijwa, e leng ba heletsang matlo kaofela, ka ho ruta tse sa tshwanelang, ka baka la leruo le ditshila.


Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle leo le bitswang ka lona?


Hobane mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dinoha, le ya tse lewatleng, e a thapisoa, mme e se e thapisitswe ke batho.


Le ntse le tseba sena pele, hore matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ba tsamayang ka ditakatso tsa bona.


Ka baka leo, ekare ha ke etla, ke tla hopola diketso tsa hae tseo a di etsang, ha a re nyefola ka dipolelo tse lonya;


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Se kgelosa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pontsheng ya sebata; sa bolella ba ahileng lefatsheng, hore ba etsetse sebata setshwantsho, se nang le leqeba la sabole, mme sa phela.


Lebone la lebone ha le sa tla hlola le kganya ho wena ho hang; mme lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ho wena; hobane lichaba tsohle li khelositsoe ke boloi ba hao.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos