Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena;
Mattheu 12:28 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, mmuso wa Modimo o fihlile ho lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ekare ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o le fihletse ruri. BIBELE Empa haeba ke leleka bademona ka Moya wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona. Baasraak Sotho NT Empa ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, mmuso wa Modimo o fihlile ho lona. |
Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena;
Kapa motho a ka kena jwang ka tlung ya senatla, mme a hapa thepa ya sona, ha a sa tlama monna eo ya matla pele? joale o tla tlatlapa ntlo ea hae.
Ke ofe ho ba babedi bao ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: balekgetho le diotswa ba le etella pele ho kena mmusong wa Modimo.
Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.
Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.
Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme ntho tseo tsohle le tla di ekeletswa.
Mehlolo e tla tsamaya le ba dumelang ke yona ena; Ka lebitso la ka ba tla leleka batemona; ba tla bua ka maleme a matjha;
Empa ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, ruri mmuso wa Modimo o le fihletse.
Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.
Hobane mmuso wa Modimo hase ho ja le ho nwa; empa ho loka, le kgotso, le thabo ka Moya o Halalelang.
Ka baka leo, ha re amohela mmuso o ke keng wa sisinyeha, a re beng le mohau oo ka wona re ka sebeletsang Modimo ka mokgwa o o kgahlisang, ka borapedi le ka tshabo.
Yo o dirang boleo ke wa ga Diabolo; hobane Diabolose o ntse a etsa sebe ho tloha qalong. Mora Modimo o bonahaditswe ka morero ona, e le hore a senye mesebetsi ya Diabolose.