Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.
Mattheu 11:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli. Sesotho 1909/1961 (SO) Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli. BIBELE Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo. Baasraak Sotho NT Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli. |
Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.
Jesu a araba, a re ho bona: Eyang le tsebise Johanne tseo le di utlwang le tseo le di bonang.
A ntoo re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; mme ya fola jwaloka e nngwe.
Mahlo a bona a tutuboloha; mme Jesu a ba laela haholo, a re: Iponeleng, hore ho se ke ha tsejwa ke motho.
Jesu ha a bona hobane letshwele le matha mmoho, a kgalemela moya o ditshila, a re ho wona: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.
Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.
Jesu a ba araba, a re: Ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang.
Empa ekare ha ke e etsa, leha le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.
Eitse ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela lebitsong la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.
Yena a tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo;
Empa nna ke na le bopaki bo fetisang ba Johanne, hobane mesebetsi eo Ntate a nneileng yona hore ke e phethe, yona mesebetsi eo ke e etsang, e a mpakela hore Ntate o nthomile.
A re ho yena: “Eya, o yo itlhatswa letsheng la Siloame,” ke ho re: “Moromuwa.” A ya, a ya itlhatswa, a tla a bona.
Lōna banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana; Jesu wa Nasaretha, monna ya hlatsetsweng ke Modimo hara lona ka mehlolo, le meeka, le mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona.
Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?