Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 2:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:5
54 Referencias Cruzadas  

Difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba hlwekiswa, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba a tsoswa, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Eitse hobane a bitse batho bohle ho yena, a re ho bona: Nmameleng e mong le e mong wa lona, mme le utlwisise.


Ho joalo le ka ea ipolokelang letlotlo, empa a sa ruela ho Molimo.


Se boifeng, letsomanyane; hobane ho kgahlile Ntata lona ho le nea mmuso.


Eitse ha mokopi a shwa, mme a nkelwa sefubeng sa Abrahama ke mangeloi;


Empa Abrahama a re: Ngwanaka, hopola hobane o amohetse tse molemo tsa hao bophelong ba hao;


Mme ke le bea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile nna;


A lelaletsa mahlo a hae ho barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.


Na ho na le e mong wa babusi kapa ho Bafarisi ya dumetseng ho yena?


A re: Banna, bana beso, le bontate, mamelang; Modimo wa kganya o iponahaditse ho ntata rona Abrahama, ha a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Harane;


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa kena pelong ya motho.


Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau o atileng ka ba bangata ba nang le teboho e ngatafale, e be tlotliso ya Modimo.


re le ba hlomohileng, empa re ntse re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; jwaloka hoja re se na letho, athe re ruile dintho tsohle.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le bileditseng mmusong wa wona le kganyeng ya wona.


Seo e leng pontsho ya kahlolo e lokileng ya Modimo, le tle le nkoe le le ba lokelwang ke mmuso wa Modimo, oo le lona le utlwang bohloko ka baka la wona.


Hore ba etse se molemo, ba rue mesebetsing e metle, ba ikemisetse ho aba, ba rate ho arolelana;


Morena o tla ntopolla mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho isa mmusong wa hae wa lehodimo: ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.


a nka sekgobo sa Kreste e le monono o fetisang matlotlo a Egepeta, hobane o ne a tadimile moputso.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko, hobane mohla a lekilweng, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Jehova a o tshepisitseng ba mo ratang.


Banabeso ba ratwang, le se ke la fosa.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, motho e mong le e mong a ke a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe ho halefa.


Ngwanabo motho ya nyatsehang a ke a thabele phahamiso ya hae;


Re tla rua lefa le sa boleng, le sa silafalang, le sa senyeheng, leo le le boloketsweng lehodimong.


Hobane ka mokgwa o jwalo le tla ekeletswa ka ho enneng ho kena mmusong o sa feleng wa Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.


Ya hlolang o tla rua tsohle; mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.


Ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tshweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di se ke tsa bonahala; mme o tlotse mahlo a hao ka moriana wa mahlo, hore o tle o bone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos