Jwale, banabeso, ke a le rapela hore le ele hloko ba bakang dikgaohano le dikgopiso tse hanyetsanang le thuto eo le ithutileng yona le ho li qoba.
BaFilipi 3:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bana beso, le be baetsisi ba ka hammoho, mme le hlokomele ba tsamayang jwalo, jwalokaha re le mohlala ho rona. Sesotho 1909/1961 (SO) Banabeso bohle hammoho le be baetsisi ba ka, mme le ele hloko ba tsamayang ka mehlala eo re le etseditseng yona. BIBELE Bana beso, bohle le nketsise. Ke le beetse mohlala, kahoo inkeleng wona ho ba o latelang. Baasraak Sotho NT Bana beso, le be baetsisi ba ka hammoho, mme le hlokomele ba tsamayang jwalo, jwalokaha re le mohlala ho rona. |
Jwale, banabeso, ke a le rapela hore le ele hloko ba bakang dikgaohano le dikgopiso tse hanyetsanang le thuto eo le ithutileng yona le ho li qoba.
Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di etse; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona.
Le ile la ba baetsisi ba rona le ba Morena, kaha le ile la amohela lentswe mahlomoleng a maholo ka thabo ya Moya o Halalelang.
Ekare ha e mong a sa utlwe lentswe la rona le lengolong lena, le mo hlokomele, mme le se ke la ikopanya le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.
E seng kahobane re se na matla, empa e le hore re iketsetse mohlala ho lona, le tle le re etsise.
Ho se be motho ya nyedisang botjha ba hao; o mpe o be mohlala ho badumedi, ka dipolelo, ka metsamao, le leratong, le tumelong, le hlwekong.