Mang le mang ya sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki ho bona.
BaFilipi 2:29 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le mo amohele Moreneng ka thabo yohle; le ba hlomphe; Sesotho 1909/1961 (SO) Le fele le mo amohele Moreneng ka thabo yohle, mme le hlomphe batho ba jwalo. BIBELE Mo amoheleng ka thabo ka lebitso la Morena. Hlomphang ba kang yena, Baasraak Sotho NT Le mo amohele Moreneng ka thabo yohle; le ba hlomphe; |
Mang le mang ya sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki ho bona.
Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.
Ba nna ba tiisetsa tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ka pelo e le nngwe, ba ngwatha bohobe le ntlo le ntlo, ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka pelo e hlwekileng.
Ke bona ba re hlompholotseng ka ditlotla tse ngata; mme eitse ha re tloha, ba re belesa dintho tse hlokahalang.
Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!
Le tle le mo amohele Moreneng, ka mokgwa o tshwanelang bahalaledi, mme le mo thuse mosebetsing ofe kapa ofe oo a o hlokang ho lona;
Jwale, ha Timothea a ka tla, le bone hore a tle a be le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.
Re amohele; ha re a sitelwa motho, ha rea ka ra senya motho, ha re a ka ra etsetsa motho bolotsana.
Ke ka baka leo ke phakisitseng ho mo romela, hore e tle e re ha le mmona hape, le thabe, le nna ke fokole ho hlomoha.
Aristakase motshwaruwa mmoho le nna ba le dumedisa, le Mareka, mora Barnabase, eo le amohetseng ditaelo tsa hae ka yena;
Re a le rapela, banabeso, hore le tsebe ba sebetsang ka thata hara lona, ba le okametseng Moreneng, ba le eletsang;
Baholo ba busang hantle a ba balwe ba lokelwa ke hlompho e menahaneng habedi, haholo ba sebetsang ka thata lentsweng le thutong.
Ka baka leo, ekare ha ke etla, ke tla hopola diketso tsa hae tseo a di etsang, ha a re nyefola ka dipolelo tse lonya;