Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:12 - BIBELE

12 Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re: “Wena, letsatsi, ema themelele! hodima Gibeone! Le wena kgwedi, themelele! hodima Aiyalone!”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!

See the chapter Copy




Joshua 10:12
29 Cross References  

Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.


Hesekiya a araba, a re: “Ho bonolo hore moriti o tjhetjhelle pele ka mehato e leshome; ere o tjhetjhelle morao ka mehato e leshome.”


Yaba moporofeta Esaya o rapela Morena, mme Morena a tjhetjhisetsa moriti morao ka mehato e leshome, eo o neng o se o e tsamaile, hodima letlapa le supang nako le entsweng ke Akase.


Esaya a re: “Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Na o rata ha moriti o ka tjhetjhella pele ka mehato e leshome, kapa o ka tjhetjhella morao ka mehato e leshome?”


Beria le Shema, bara ba Elepaale, ba neng ba leleke baahi ba Gate, e ne e le bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Aiyalone.


le Sora, le Aiyalone, le Heborone. Metse ena ke yona e neng e haheleditswe naheng ya Juda le naheng ya Benjamine.


O laela letsatsi, le se ke le tjhaba, a ba fifatse kganya ya dinaledi.


Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi, mo roriseng, lona dinaledi tsohle tse phatsimang.


ho se puo, ho se polelo, ho se mantswe a utlwahalang.


Motsheare ke wa hao, le bosiu ke ba hao; kgwedi le letsatsi o di beile, wa di bea madulong a tsona.


Morena o tla hlaha sa mohla thabeng ya Perasime, kgalefo ya hae e tlokome, sa mohla Kgohlong ya Gibeone, a phethe mosebetsi wa hae o hlollang haholo, a phethe ketso tsa hae tse tsotehang haholo.


Moriti wa letsatsi o hodima letlapa le supang nako, le entsweng ke Akase, ke tla o tjhetjhisetsa morao ka mehato e leshome.’ ” Yaba moriti o tjhetjhella morao ka mehato e leshome eo o neng o se o e tsamaile.


Tsatsi la hao ha le ka ke la hlola le sa dikela, kgwedi ya hao ha e ka ke ya hlola e eya fifing; hoba Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, tshiu tsa bofifi ba hao le tsona di fele.


Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bone sa ho qaleha ha puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, ka sona selemo seo, Hananiya, mora wa moporofeta Asure, ya neng a etswa Gibeone, a bua ho nna re le ka Tempeleng ya Morena, moo ho leng teng baprista le setjhaba sohle, a re:


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


“Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “Ke tla diketsa letsatsi hara mpa motsheare, fifi le kwahele lefatshe motsheare o moholo.


Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.”


Letsatsi le kgwedi tsa ema themelele! ha metsu ya hao e bebang e tsekema, ha rumo la hao le benyang le phatsima.


Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”


mme eo a iketse ho ya sebeletsa medimo e meng, a e kgumamela, kapa a kgumamela letsatsi, kapa kgwedi, kapa dinaledi dife kapa dife, e leng tseo ke sa le laelang tsona;


Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.


Letsatsi la ema themelele! le kgwedi ya ema themelele! ho fihlela ha setjhaba se qetile ho iphetetsa ho dira tsa sona. Na hoo ha ho a ngolwa bukeng ya Jashare? Letsatsi la ema themelele! hara sepakapaka, la nka nako e ka etsang letsatsi lohle le sa potlakele ho dikela.


le Shaalebine, le Aiyalone, le Jitela,


le Aiyalone le makgulo a yona, le Gade-Rimone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.


Yaba Elone wa morabe wa Sebulone o a shwa, mme a epelwa Aiyalone e naheng ya Sebulone.


Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona.


Jwale Samuele a ipiletsa ho Morena, mme ka lona letsatsi leo Morena a romela diaduma le pula. Setjhaba sohle sa tshaba Morena le Samuele haholo.


Ka lona letsatsi leo, Baiseraele ba hlola Bafilesita, ho tloha Mikemase ho ya fihla Aiyalone, mme setjhaba se ne se lapile haholo.


Follow us:

Advertisements


Advertisements