Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:11 - BIBELE

11 Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.

See the chapter Copy




Joshua 10:11
17 Cross References  

Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.


Ntwa ya aparela sebaka seo sohle. Ka letsatsi leo, batho ba ileng ba shwella ka morung ba eba bangata ho feta ba ileng ba bolawa ka sabole.


“Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako,


tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa?


Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang.


O hasanya sefako sa hae se kang makumane; ke mang ya ka phelang hara mohatsela wa hae?


Bonang, Morena o na le ya matla, ya sefutho, ya kang fefo sa lehodiotswana se senyang, ya kang pula ya ditlwebelele ya morallo: Ke yena ya tla o akgela fatshe ka sefutho.


Morena o tla hlaha sa mohla thabeng ya Perasime, kgalefo ya hae e tlokome, sa mohla Kgohlong ya Gibeone, a phethe mosebetsi wa hae o hlollang haholo, a phethe ketso tsa hae tse tsotehang haholo.


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


bolella bana ba dilang lerako ka phepa hore lerako leo le tla wa. Ho tla na pula ya ditlwebelele, e nang ka sefako se dinaka, mme moya wa sefefo o tla puka.


Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa.’


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona.


Follow us:

Advertisements


Advertisements