Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:13 - BIBELE

13 Letsatsi la ema themelele! le kgwedi ya ema themelele! ho fihlela ha setjhaba se qetile ho iphetetsa ho dira tsa sona. Na hoo ha ho a ngolwa bukeng ya Jashare? Letsatsi la ema themelele! hara sepakapaka, la nka nako e ka etsang letsatsi lohle le sa potlakele ho dikela.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mme letsatsi la ema, le kgwedi ya ema, ho fihlela setjhaba ha se ipheteditse ho dira tsa sona. Ha ke re, hoo ho ngodilwe bukeng ya Ya lokileng na? Letsatsi la ema sebakeng sa lehodimo, mme ha le a ka la phakisa ho dikela, ya batla e eba letsatsi le leng.

See the chapter Copy




Joshua 10:13
29 Cross References  

E ngotswe bukeng ya Jashare, mme Davida o ile a laela hore e rutwe bana ba Juda.


Hesekiya a araba, a re: “Ho bonolo hore moriti o tjhetjhelle pele ka mehato e leshome; ere o tjhetjhelle morao ka mehato e leshome.”


Kopi ya taelo ena eo e tla ba molao, e phatlalletswe ditjhaba tsohle dinaheng tsohle e le hore Bajuda ba itokisetse ho iphetetsa ho dira tsa bona ka lona letsatsi leo.


O laela letsatsi, le se ke le tjhaba, a ba fifatse kganya ya dinaledi.


Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi, mo roriseng, lona dinaledi tsohle tse phatsimang.


ho se puo, ho se polelo, ho se mantswe a utlwahalang.


Kgwedi e tla fifala, tsatsi le ipate sefahleho, ha Morena wa mabotho a busa Sione le Jerusalema, baholo a ba senolela tlotla ya hae.


Moriti wa letsatsi o hodima letlapa le supang nako, le entsweng ke Akase, ke tla o tjhetjhisetsa morao ka mehato e leshome.’ ” Yaba moriti o tjhetjhella morao ka mehato e leshome eo o neng o se o e tsamaile.


Ha botho lena le kgoroha, fatshe le a reketla, mahodimo le wona a tsukutlehe; letsatsi le kgwedi di a fifala, dinaledi di kgaotse ho phatsima.


Letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla.


Letsatsi le kgwedi di tla fifala, dinaledi le tsona di ke ke tsa phatsima.


Letsatsi le kgwedi tsa ema themelele! ha metsu ya hao e bebang e tsekema, ha rumo la hao le benyang le phatsima.


Ke ka hona, Bukeng ya dintwa tsa Marena, ho thweng: “Wahebe e Sufa, le dikgohlwana tsa Arenone;


“Phetetsa bana ba Iseraele ho Bamidiane; kamorao ho moo o tla orosetswa setjhabeng sa heno.”


“Hanghang kamora ditlokotsi tsa matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa; dinaledi di tla wa lehodimong, mabotho a mahodimo a tla tsukutleha.


hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.


Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?


Letsatsi le tla fifala, le kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla;


Yare ha ba ntse ba baleha Baiseraele, ba le motheong wa Bete-Horone, Morena a ba nesetsa sefako se dinaka, se tswang lehodimong, ba ba ba ya fihla Aseka, mme ba eshwa. Ba bolailweng ke sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke Baiseraele ka sabole.


Pele ho mona, le kamorao ho mona, ha ho eso be le letsatsi le kang lena, leo ka lona Morena a kileng a mamela lentswe la motho, hobane Morena o ne a lwanela Iseraele.


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”


Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa botshelela; tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, letsatsi la ntshofala jwaloka lesela la bofifi, le entsweng ka boditse, kgwedi yohle ya tlerefala jwaloka madi,


Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.


Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.”


“Kaha baetapele ba Iseraele ba eteletse Baiseraele pele, kaha setjhaba se ikentse sehlabelo ka boithaopo, lona rorisang Morena!


Follow us:

Advertisements


Advertisements