Bara ba Jakobo ba araba Sikeme le Hamore, ntatae, ba bua ka mano, kahobane o ne a sentse Dina, kgaitsedi ya bona,
Joshua 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) le bona ba etsa ka mano; ba ya ba nkile sebopeho sa manqosa, ba bofile mekotla e tsofetseng dieseleng tsa bona, le makuka a veine a tsofetseng, a hahohileng, a pharehetsweng; BIBELE ba loha mano. Ba tsamaya ba ikgakantse jwalokaha eka ke baromuwa, ba bofa mekotla e tsofetseng ditonking tsa bona, le makuka a tsofetseng a veine, a seng a ile a phatloha, a ba a rokwa. |
Bara ba Jakobo ba araba Sikeme le Hamore, ntatae, ba bua ka mano, kahobane o ne a sentse Dina, kgaitsedi ya bona,
Hobane ke jwaloka lekuka le omeletseng mosing wa leifo; empa ha ke lebale dikomelo tsa hao.
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
Hape, batho ha ba tshele veine e ntjha makukeng a kgale; hobane makuka a ka phatloha, mme jwale veine ya tsholoha, makuka le wona a timela. Veine e ntjha e mpa e tshelwa makukeng a matjha, mme ntho tse pedi tseo di a bolokeha.
Hape, ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, hobane veine e ntjha e ka phatlola makuka, mme veine ya tsholoha, le ona makuka a timela; empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha.
Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.
Bohobe bona ba rona ba mofaho wa rona, re bo nkile bo sa tjhesa matlung a rona, tsatsing leo re theohileng ho tla ho lona; empa le ka bona, jwale bo omeletse, bo bile bo bodile.
Makuka ana a veine, ao re a tshetseng a sa le matjha, le a bona a tabohile, le diaparo tsena tsa rona le dieta tsa rona di se di tsofetse ka baka la tsela e teleletelele.
maotong ba rwetse dieta tsa kgale, tse pharehetsweng ka ditsiba, ba apere diaparo tse tsofetseng; le mahobe wohle a mofaho wa bona a ne a omeletse, a bodile.