Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 9:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Makuka ana a veine, ao re a tshetseng a sa le matjha, le a bona a tabohile, le diaparo tsena tsa rona le dieta tsa rona di se di tsofetse ka baka la tsela e teleletelele.

See the chapter Copy

BIBELE

13 Makuka ana a veine a ne a le matjha ha re a tlatsa, empa jwale ako bone: A se a phatlohile. Diaparo tsena tsa rona, le meqathatso ena ya rona, di se di tsofetse ka baka la ho tsamaya leeto le lelelele hakana.”

See the chapter Copy




Joshua 9:13
8 Cross References  

Hape, batho ha ba tshele veine e ntjha makukeng a kgale; hobane makuka a ka phatloha, mme jwale veine ya tsholoha, makuka le wona a timela. Veine e ntjha e mpa e tshelwa makukeng a matjha, mme ntho tse pedi tseo di a bolokeha.


Hape, ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, hobane veine e ntjha e ka phatlola makuka, mme veine ya tsholoha, le ona makuka a timela; empa veine e ntjha e tshelwa makukeng a matjha.


Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; ha ho ka etswa jwalo, veine e ntjha e ka phatlola makuka, ya tsholoha, mme makuka a senyeha.


Ke le tsamaisitse feelleng ka dilemo tse mashome a mane; diaparo tsa lona ha di a ka tsa senyeha ho lona, le dieta tsa hao ha di a ka tsa haraswana maotong a hao.


Bohobe bona ba rona ba mofaho wa rona, re bo nkile bo sa tjhesa matlung a rona, tsatsing leo re theohileng ho tla ho lona; empa le ka bona, jwale bo omeletse, bo bile bo bodile.


Ebile banna ba Iseraele ba nka mofahong wa bona, ba sa ka ba botsa molomo wa Jehova.


le bona ba etsa ka mano; ba ya ba nkile sebopeho sa manqosa, ba bofile mekotla e tsofetseng dieseleng tsa bona, le makuka a veine a tsofetseng, a hahohileng, a pharehetsweng;


maotong ba rwetse dieta tsa kgale, tse pharehetsweng ka ditsiba, ba apere diaparo tse tsofetseng; le mahobe wohle a mofaho wa bona a ne a omeletse, a bodile.


Follow us:

Advertisements


Advertisements