Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,
Moshe o ne a se a abetse merabe e mmedi, le karolo e nngwe ya morabe naha e kamose wane ho Jorodane; feela Balevi bona a se ke a ba abela lefa hara Baiseraele,
Etlare ha le aba lefatshe ho etsa mafa, le arolele Jehova karolo, karolo e kgethehileng ya naha; e be bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mahlano, le bophara bo ditswe tse kete tse leshome; e tla halalela hohle ho isa moeding wa yona.
Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.
Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.
Haele Barubene, le Bagade, le mothapo o mong wa Manasse, ba nkile lefa leo Moshe a neng a ba neile lona mose wane wa Jordane, nqa botjhabela, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a ba neile;