Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 13:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moedi wa bona o ne o tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone le motseng o hara sekgutlo sa yona, le sehlabeng sohle se pela Medeba;

See the chapter Copy

BIBELE

16 Moedi wa bona o ne o tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motseng o kahara kgohlo, le phula yohle e pela Medeba,

See the chapter Copy




Joshua 13:16
18 Cross References  

Ba ya, ba tshela Jordane, ba emisa Aroere, ho le letona ho motse o hara kgohlo ya Gade, nqa Jaesere.


Ba adima makoloi a dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; le yena morena wa Maaka le setjhaba sohle sa hae ba tla, ba emisa pela Medeba. Bana ba Ammone ba phutheha metseng ya bona, mme ba tloha ho ya ntweng.


Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.


Hobane Heshbone e ne e le motse wa Sihone, morena wa Baamore. Sihone o ne a lwane le morena wa Moabe ya neng a le teng pele, o ne a mo amohe naha ya hae yohle ho isa Arnone.


Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.


Ke Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone; o ne a busa naha ho tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone, mahareng a sekgutlo, le sekoto se seng sa Gileade, ho isa molapong wa Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.


Moshe o ne a se a abetse leloko la bana ba Rubene lefa, ka matlo a bona.


ke Heshbone le metse yohle ya teng e ka sehlabeng; Dibone le Bamothe-Baale, le Bethe-Baale-Meone


ho tloha Aroere o lebopong la sekgutlo sa Arnone, le motseng o hara sekgutlo, sehlaba sohle sa Medeba ho isa Dibone;


Hobane Moshe o ne a neile meloko e mmedi le mothapo o mong wa leloko le leng lefa la yona mose wane wa Jordane; empa ha a ka a nea Balevi lefa hara bona,


Haele Balevi, ha ba na kabelo le lona, etswe boprista ba Jehova e le lefa la bona; Bagade le Barubene le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba se ba nkile mafa a bona mose wane wa Jordane nqa botjhabela, e leng ao Moshe, mohlanka wa Jehova, a ba neileng wona.


Haesale Baiseraele ba ahile Heshbone le metseng ya teng, le Aroere le metseng ya teng, le metseng yohle e mabopong a Arnone, e leng ka dilemo tse makgolo a mararo, le sitilwe keng ho e lata ka motsotso o kalo?


le ho baAroere, le ho ba Sifmothe, le ho ba Eshthemoa;


Follow us:

Advertisements


Advertisements