Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba hodile; mme ho ne ho se ho se ho Sara ka mokgwa wa basadi.
Joshua 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruwe. BIBELE Joshua o ne a tsofetse, mme dilemo tsa hae di se di ile. Morena a re ho yena: “O tsofetse, mme dilemo tsa hao di ile, empa ho sa setse naha e kgolo, e lokelang ho hapuwa. |
Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba hodile; mme ho ne ho se ho se ho Sara ka mokgwa wa basadi.
Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale.
mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.
Etlare hobane le kene naheng ya Kanana, naha eo e tla ba lefa la lona, ke eo: naha ya Kanana ka meedi ena ya yona:
Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.
Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tla o etella pele, mme o tla fedisa ditjhaba tseno pela hao, o tle o rue naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla o etella pele, jwalokaha Jehova a boletse.
Bona, jwale Jehova o bolokile bophelo ba ka ka lemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, jwalokaha a ne a boletse, haesale Jehova a bolella Moshe taba ena, ha Baiseraele ba ne ba ntse ba tsamaya lefeelleng; mme le ka bona, kajeno ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a nang le metso e mehlano.
Ebile Joshua o re ho bana ba Iseraele; Le tla tswafa ho isa kae ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neileng lona?
Kamora tseo, Joshua mora Nune, mohlanka wa Jehova, a shwa, a le dilemo tse lekgolo le nang le leshome le le leng.