Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 13:1 - BIBELE

1 Joshua o ne a tsofetse, mme dilemo tsa hae di se di ile. Morena a re ho yena: “O tsofetse, mme dilemo tsa hao di ile, empa ho sa setse naha e kgolo, e lokelang ho hapuwa.

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Joshua ha a se a tsofetse, a hodile, Jehova a re ho yena: O tsofetse, o hodile, mme ho sa setse fatshe le leholo le esong ho ruwe.

See the chapter Copy




Joshua 13:1
12 Cross References  

Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe.


Kgosi Davida o ne a se a hodile, e se e le mobu; leha a pupetswa ka dikobo o ne a se a sa futhumale.


Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “ ‘Ena e tla ba yona naha ya lona le meedi e e potapotileng.’ ”


“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona.


Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.


Ke Morena Modimo wa lona, ya tla tshela a le eteletse pele. O tla timetsa ditjhaba tsena tse kapele ho lona, le hape naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla tshela a le eteletse pele, jwalokaha Morena a buile.


“Ena ke naha e sa setseng: Ditereke tsohle tsa Bafilesita, le tsohle tsa Bageshure.


“Jwale bona, ka dilemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, ho tloha mohla Morena a buang lentswe lena ho Moshe, ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehwatateng, Morena o babaletse bophelo ba ka, jwalokaha a ne a bue, mme ke mona kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi a metso e mehlano.


Yaba Joshua o re ho bana ba Iseraele: “Le tla dikadika ho le hokae ho ya, le ya hapa naha eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona?


Morena a bua ho Joshua, a re:


Kamora tsena Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome.


Follow us:

Advertisements


Advertisements