A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.
Joshua 12:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone; o ne a busa naha ho tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone, mahareng a sekgutlo, le sekoto se seng sa Gileade, ho isa molapong wa Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone. BIBELE Ba hapa ya Sithone, kgosi ya Baamore, e neng a ahile Heshebone, e busa ho tloha Arowere e pela lebopo la noka ya Arenone, bohareng ba kgohlo; e busa le karolo e nngwe ya Gileade, ho ya fihla Jaboko, e leng moedi wa Baamone. |
A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.
le Bela mora Asase, mora Shema, mora Joele, ya neng a ahile Aroere, ho ya fihla Nebo le Baale-Meone;
Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.
Ema tseleng, o lebele, moahi wa Aroere; botsa ya balehang le ya phonyohang, o re: Ho hlahileng?
Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.
Morena wa bana ba Ammone a re ho manqosa a Jafeta: Ke kahobane Baiseraele ba nkile naha ya ka, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke le Jordane, mohla ba nyolohang Egepeta; e busetse ho nna jwale ka kgotso.
Ba rua naha yohle ya Baamore, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke, le ho tloha feelleng ho isa Jordane.