Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi.

See the chapter Copy

BIBELE

1 Tsena ke dikgosi tsa dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di hlola. Ba hapa naha ya tsona e kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela, ho tloha Kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone, le Araba yohle ka botjhabela.

See the chapter Copy




Joshua 12:1
24 Cross References  

ke Gebere, mora Uri, naheng ya Gileade, e leng naha ya Sihone, morena wa Baamore, le ya Oge, morena wa Bashane; ho ne ho se tona e nngwe naheng eo haese yena a nnotshi.


Ho jwaloka phoka ya Hermone, e theohelang dithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.


A neela naha ya bona e be lefa: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


O bopile leboya le borwa; Thabore le Hermone di rorisa lebitso la hao.


Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.


Ba tloha teng, ba ya emisa mose wane wa Aarone, e leng noka e phallang feelleng ha e etswa naheng ya Baamore; hobane Arnone ke moedi wa Moabe, mahareng a Moabe le Baamore.


Baiseraele ba roma manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, ka ho re:


Baiseraele ba mo hlola ka bohale ba lerumo, ba nka naha ya hae, ho tloha Arnone ho isa Jabboke, le ho isa moeding wa bana ba Ammone; hobane moedi wa bana ba Ammone o ne o tiisitswe.


mme re ke ke ra rua letho hammoho le bona ka mose wane wa Jordane, le ka pele ho moo, kahobane, re tla ba le lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabela.


Re tla feta re hlometse pela Jehova naheng ya Kanana; re mpe re rue lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane.


Moshe a nea bara ba Gade, le bara ba Rubene, le halofo ya moloko wa Manasse, mora Josefa, mmuso wa Sihone, morena wa Baamore, le mmuso wa Oge, morena wa Bashane, le lefatshe le metse ya lona, le yona naha ya metse e ka nqa tsohle.


Tlohang, le tsamaye, mme le tshele nokana ya Arnone. Bona, ke neetse Sihone, morena wa Heshbone, le Maomore, le naha ya hae, matsohong a hao. Qala ho hapa naha eo, mme o mo lwantshe.


Yaba Sihone o tswa le setjhaba sa hae, a re kgahlanyetsa Jahatse ka ntwa.


Yaba re a kgutla, ra nyoloha ka tsela ya Bashane. Oge, morena wa Bashane, a tswa le setjhaba sa hae kaofela, a tla re kgahlanyetsa Edrei ka ntwa.


Ke ona molao oo Moshe a kileng a o beela bana ba Iseraele.


ba le mose o kwano ho Jordane, sekgutlong se mabapa le Bethe-Peore, naheng ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, eo Moshe le bana ba Iseraele ba neng ba mo hlotse ha ba se ba tswile Egepeta.


Ba nka naha ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho ya fihla thabeng ya Sione, e leng Hermone,


Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.


ho tloha thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire ho ya fihla Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, katlase ho thaba ya Hermone; a tshwara le marena wohle a teng, a a hlaba, a a bolaya.


le ho Bakanana ba ka nqa botjhabela le ba ka nqa bophirimela, le ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bajebuse dithabeng, le ho Baheve ba katlase ho Hermone, naheng ya Mitspe.


Haele Barubene, le Bagade, le mothapo o mong wa Manasse, ba nkile lefa leo Moshe a neng a ba neile lona mose wane wa Jordane, nqa botjhabela, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a ba neile;


Mme jwale, Jehova, Modimo wa lona, o kgatholotse banababo lona, jwalokaha a ne a ba boleletse; ka baka leo, ikgutleleng jwale, le ipoelle tenteng tsa lona, fatsheng leo le le ruileng, leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose wane wa Jordane.


Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.


Follow us:

Advertisements


Advertisements