Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela.
Joshua 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a fihla ho bona, a ba tsometsa a tsamaile bosiu bohle, haesale a tloha Gilgale. BIBELE Joshua a tsamaya bosiu bohle ho tloha Gilegale, mme a ba futuhela ka ho ba tsometsa. |
Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela.
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.
Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.
Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, etswe ke tla ba neela matsohong a hao; ha ho le a mong ho bona ya tla ema pela hao.
Ebile Joshua le bahlabani bohle ba ho yena ba ba tsometsa pela metsi a Merome, ba ba hlasela ka sehloho.