Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jehova a ba qhalanya pela Baiseraele, a ba bolaela Gibeone haholo; Baiseraele ba ba phallela moepeng wa Bethe-Horone, ba ba timetsa ho ya fihla Aseke le Makkeda.

See the chapter Copy

BIBELE

10 Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.

See the chapter Copy




Joshua 10:10
29 Cross References  

A betsa metsu ya hae, mme a ba qhalanya ka yona; a romela mahadima, a ba qhemetsa ka wona.


Salomone a boela a haha Gesere, le Bethe-Horone ya katlase;


Jehova a qhala Baethiopia pela Asa le Bajuda; Baethiopia ba baleha.


Empa bahlabani ba sera se neng se kgutlisitswe ke Amatsia hore se se ke sa ya ntweng le yena, ba futuhela metse ya Juda, ho qala ka Samaria, le ho isa Bethe-Horone; ba bolaya batho ba dikete tse tharo, mme ba hapa kgapo e kgolo.


A betsa metsu ya hae, a ba qhalanya ka yona, a tsekemisa mahadima a sa balweng, mme a ba qhemetsa.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


Yare ha Ya matla wohle a qhalanya marena, naha ya nna ya sweufala jwaloka Tsalmone ha lehlwa le kgetheha.


wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.


Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.


Jehova o tla utlwahatsa ditlatse tsa lentswe la hae, a bontshe ho oma ha letsoho la hae, le kgalefo ya bohale, le mollo wa lelakabe le tjhesang, le phatloho ya leru, le tsholoho ya pula, le majwe a sefako.


Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.


Mme Jehova o tla hlaha, a lwantshe ditjhaba tseo, jwaloka mohla a lwanang tsatsing la polao.


empa Jehova, Modimo wa hao, o tla o neela ditjhaba tseo, a di tshose ka tshoho e tshabehang, di be di fediswe.


Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.


Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


Joshua a fihla ho bona, a ba tsometsa a tsamaile bosiu bohle, haesale a tloha Gilgale.


Jehova a ba neela matsohong a Baiseraele, ba ba qhala, mme ba ba phallela ho ya fihla Sidone e moholo, le Misrefothe-Maime, le ho ya fihla sekgutlong sa Mitspe, ka nqa botjhabela; ba ba bolaya, ha se ke ha eba le motho ya phonyohang.


e mong, ke morena wa Makkeda; e mong, ke morena wa Bethele;


Jarmuthe, Adullame, Soko, Aseka;


Gederothe, Bethe-Dagone, Naama, le Makkeda; metse eo e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya eona;


Nqa bophirimela, o theohela moeding wa Bajaflethe, ho isa moeding wa Bethe-Horone ya katlase, le ho leba Gesere; o ntoo ya fella lewatleng.


Moedi wa bana ba Efraime ke ona ka matlo a bona: nqa botjhabela, moedi wa lefa la bona o tloha Atharothe-Addare ho isa Bethe-Horone ya kahodimo.


le Kibtsaime le meraka ya wona, le Bethe-Horone le meraka ya wona: metse e mene.


Jehova a qhala Sisera pela Barake, le makoloi a hae kaofela, le makgotla a hae kaofela ka bohale ba lerumo, mme Sisera a theoha koloing ya hae, a baleha ka maoto.


Barake a phallela makoloi le makgotla ho ya fihla Haroshethe-Gojime; mme makgotla kaofela a Sisera a bolawa ka bohale ba lerumo, ho se ke ha phonyoha motho le a mong.


Naledi tse mahodimong tsa lwana, tsa lwantsha Sisera, ha di tsamaya ka ditsela tsa tsona.


hlopha se seng sa nka tsela ya Bethe-Horone, mme se seng sehlopha sa nka tsela ya ho ya naheng e mabapa le sekgutlo sa Tseboime, pela nahathothe.


Mohlang oo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona ho futuha, mme ba phuthehela Soko wa Juda, ba tla, ba emisa mahareng a Soko le Aseka, pela Efese-Dammime.


Follow us:

Advertisements


Advertisements