Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.
Joshua 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Iphe matla, o etse ka senna, hobane ke wena o tla ruisa setjhaba sena fatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona, ka re, ke tla ba nea lona. BIBELE “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona. |
Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.
Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.
Etsa ka senna, o iphe matla ho lwanela setjhaba sa heso le metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.
Ke hona o tla atleha, ha o iponela hore o etse ka melao le ditaelo tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Iseraele. Iphe matla, o tiye; se tshabe, mme o se ke wa tshoha.
Bona jwale hoba Jehova o o kgethile hore o hahe ntlo e tla ba sehalalelo. Iphe matla, mme o etse.
Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.
Haele lona, ipheng matla, mme matsoho a lona a se ke a tepella; hobane moputso o tla ba teng bakeng sa seo le se etsang.
bona, ke bana ba tlile ho re putsa ka ho tla re leleka fatsheng la hao leo o re neileng lona, re tle re le rue.
Na hase wena, Modimo wa rona, o neng o falatse baahi ba lefatshe lena pela setjhaba sa hao sa Iseraele, o bileng wa le nea ditloholo tsa Abrahama, motswalle wa hao, hore e be la tsona kamehla na?
a re: Se tshabe, monna ya ratwang! Kgotso e be ho wena! Tiya pelo, tiya matla! A re a sa bua le nna, ka utlwa hobane ke filwe matla, ka re: Morena ka a ke a bue, etswe o mphile matla.
Jwale, kgothala, Sorobabele! ho bolela Jehova; Kgothala, le wena Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake! Kgothalang, le lona setjhaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lona, ho bolela Jehova wa makgotla;
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Matsoho a lona a ke a tiye, lona ba utlwang mantswe ana a tswang melomong ya baporofeta tshiung tsena, e leng tseo ho theilweng ka tsona ntlo ya Jehova wa makgotla, e leng tempele, hore e hahuwe.
Le tla hapa naha, mme le tla ikahela ho yona; hobane ke le neile naha, e tle e be leruo la lona.
Bonang, Jehova, Modimo wa hao, o beile lefatshe pela hao; nyoloha, o le rue, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse. O se ke wa tshaba, mme o se tshohe.
Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.
Bolokang ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, le tle le be matla, mme le kene, le hape lefatshe leo le yang ho le rua;
Jehova a laela Joshua, mora Nune, a re ho yena: Iphe matla, o tiye pelo, hobane ke wena o tla kenya bana ba Iseraele lefatsheng leo ke ba anetseng hore ke tla ba fa lona, mme nna ke tla ba le wena.
Motho leha e ka ba mang le mang, ya eisang molomo wa hao, ya sa mamelang mantswe a hao kahohle kamoo o ka re laelang kateng, o tla bolawa. Feela o iphe matla, o etse ka senna.
Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.
Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.
Joshua a ntoo re ho bona: Se tshabeng, le se ke la tshoha, itiiseng, le be banna; hobane Jehova o tla etsa jwalo le ka dira tsohle tsa lona tseo le tla di lwantsha.
Bohle ba ahileng sehlabeng, ho tloha Lebanone ho isa Misrefothe-Maime, Basidone kaofela,
Ebile Joshua o re ho bana ba Iseraele; Le tla tswafa ho isa kae ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neileng lona?
Ke wona mokgwa oo Jehova a neileng Iseraele lefatshe lohle leo a neng a hlapanyeditse bontata bona hobane o tla ba nea lona; ba le rua, mme ba aha teng.
Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.
Oho, Bafilista, ipheng matla, le etse ka senna, e se be la ba bafo ba Baheberu, jwalokaha e bile bafo ba lona. Etsang ka senna, mme le lwane.