Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Motho leha e ka ba mang le mang, ya eisang molomo wa hao, ya sa mamelang mantswe a hao kahohle kamoo o ka re laelang kateng, o tla bolawa. Feela o iphe matla, o etse ka senna.

See the chapter Copy

BIBELE

18 Mang le mang ya tla fetohela melao ya hao, ya sa tlo mamela dipolelo tsa hao tsohle, tseo o ka re laelang tsona, o tla bolawa. Empa wena, tsoha molota, o be sebete.”

See the chapter Copy




Joshua 1:18
14 Cross References  

Ema, hobane taba ena ke ya hao; re tla o emela, o iphe matla, o sebetse.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.


Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


Re tla o utlwa jwalokaha re kile ra utlwa Moshe tabeng tsohle. Feela, Jehova, Modimo wa hao, a be le wena, jwalokaha a bile le Moshe.


Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.


Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.


Ebile setjhaba se re ho Samuele: Ke mang ya itseng: Saule e ke ke ya eba morena wa rona? Hlahisa banna bao, re tle re ba bolaye.


Follow us:

Advertisements


Advertisements