Biblia Todo Logo
Online Bible
- Advertisements -




Joshua 1:18 - BIBELE

18 Mang le mang ya tla fetohela melao ya hao, ya sa tlo mamela dipolelo tsa hao tsohle, tseo o ka re laelang tsona, o tla bolawa. Empa wena, tsoha molota, o be sebete.”

See the chapter Copy

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Motho leha e ka ba mang le mang, ya eisang molomo wa hao, ya sa mamelang mantswe a hao kahohle kamoo o ka re laelang kateng, o tla bolawa. Feela o iphe matla, o etse ka senna.

See the chapter Copy




Joshua 1:18
14 Cross References  

Ema ka maoto, hobane tabeng ena boikarabelo ke ba hao, mme re tla o thusa. Tsoha molota, o etse jwalo.”


Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”


Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


Motho ya ikgohomosang, ya sa mameleng moprista ya sebeletsang kapele ho Morena, kapa ya sa mameleng moahlodi, ya jwalo o tla bolawa. Le tla tlosa bobe jwalo setjhabeng sa Iseraele.


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


Re tla o mamela dinthong tsohle, jwalokaha re ile ra mamela Moshe. E se eka Morena Modimo wa hao, a ka ba le wena jwalokaha a ne a ena le Moshe.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Setjhaba sa re ho Samuele: “Ke mang ya ileng a re: ‘Na Saule a ka fela a re busa?’ Tlisang banna bao re ba bolaye!”


Follow us:

Advertisements


Advertisements