Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:10 - BIBELE

10 Ho tloha ka nqane ho noka ya Kushe, tjhaba sa ka se qhalakaneng se tla nkgumamela, se ntlisetse dinyehelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Barapedi ba ka, e leng ba setjhaba sa ka se hasaneng, ba tla tla ba etswa naheng e kapele ho dinoka tsa Kushe, ba ntlisetse dinyehelo.

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:10
17 Referencias Cruzadas  

Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


O tla emisetsa ditjhaba mokgele, a phuthe Baiseraele ba lelekilweng naheng ya bona; a bokelle setjhaba sa Juda se qhalantsweng, a se bokelle hohle qoleng tse nne tsa lefatshe.


Jo! Naha ya kokwanyana tse bobolang, naha e mose ho dinoka tsa Kushe,


Ka nako eo Morena wa mabotho o tla tlisetswa dimpho, ke ba balelele, ba sotseng, ba tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka; mpho di tliswe Thabeng ya Sione, moo ho kgumamelwang Morena wa mabotho.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.


Bajuda ba botsana, ba re: “O se a tla ya kae hore re se ke ra mo fumana? E seng o se a tla ya ho ba qhalaneng hara Bagerike le ho ruta Bagerike?


“Jwale kamora dilemo tse ngata, ke tlisitse dithuso ho setjhaba sa heso le ho tla etsa mahlabelo.


A ema, a tsamaya. Ho ne ho ena le monna wa Mokushe wa lehaole, e le letona la Kandake, mofumahadi wa Bakushe, le modisa wa matlotlo a hae wohle. O ne a tlile Jerusalema ho tla kgumamela Modimo.


wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.


Nna Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa bakgethwa, bao e leng bajaki ba qhalakaneng dinaheng tsa Pontose, Galatia, Kapadokia, Asia le Bithinia,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos