Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:9 - BIBELE

9 Mohlang oo ke tla fedisa puo tse mpe tsa ditjhaba, bohle ba tle ba ipiletse ho Morena, ba mo sebeletse ba le ntsweleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ya ditjhaba, e tle e be e hlwekileng, di tle di bitse kaofela lebitso la Jehova, di mo sebeletse ka pelo e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:9
21 Referencias Cruzadas  

Lefatshe lohle le ne le bua puo e le nngwe, le sebedisa mantswe a le mang.


Seta le yena a ba le mora, mme a mo rea lebitso la Enoshe. Jwale batho ba qala ho rapela Morena.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho roriswe lebitso la Morena.


Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.


Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo.


ke etse hore maleme a bona a bine dithoko: ‘Kgotso, kgotso ho ba hole le ba haufi!’ Ke tla ba fodisa,” ho riala Morena.


Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: “Leshala lena le amme molomo wa hao! Molato wa hao o tlositswe, mme o tshwaretswe sebe sa hao.”


Wena Morena, matla a ka le qhobosheane ya ka, wena tshabelo sa ka nakong ya ditsietsi; baditjhaba ba tla itlisa ho wena, ba itlise ba etswa pheletsong tsa lefatshe, ba re: “Bo-ntata rona ba jele lefa la mashano le la mafeela, la medingwana ya mafeela e se nang molemo.


Jwale o kopanye dintlha tsa melamu ena e tle e be molamu o le mong ka letsohong la hao.


Empa tsebo e tla tlala, e tlale lefatshe kahohle, tsebo ya ho tseba tlotla ya Morena, e tlale lefatshe sa metsi a tletse lewatle.


Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”


Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos