Sofonia 3:11 - BIBELE11 Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)11 Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng. Ver Capítulo |
Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.