Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:21 - BIBELE

21 Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ho tloha ka phirimana ho isa hoseng; ere ha leru le phahama hoseng, ebe ba tswele pele leetong. Kapa haeba leru le phahama motsheare kapa bosiu, ebe ba tswela pele leetong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Leha leru le ne le dula teng ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, mme le ne le phahama hosasa, ba ne ba tloha; ha leru le ne le phahama kamora letsatsi le le leng le bosiu bo le bong, ba ne ba tloha.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:21
4 Referencias Cruzadas  

Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona.


Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.


Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ka matsatsi a seng makae; ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba dule diahelong, mme ka taelo ya Morena ebe ba tswela pele leetong.


Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos