Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:20 - BIBELE

20 Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ka matsatsi a seng makae; ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba dule diahelong, mme ka taelo ya Morena ebe ba tswela pele leetong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le ha leru le ne le dula hodima tabenakele matsatsi a seng makae, ba ne ba emisa ka taelo ya Jehova, mme ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:20
8 Referencias Cruzadas  

elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:


Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao.


Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.


Ba tswela pele leetong la bona lekgetlo la pele, jwalokaha Morena a ne a ba laetse ka Moshe.


Ka taelo ya Morena bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba hlome. Ka matsatsi wohle ha leru le ntse le kgurumeditse Tente ya Morena, ba ne ba ye ba dule diahelong.


Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba boloke taelo ya Morena, ba se ke ba tswela pele leetong.


Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ho tloha ka phirimana ho isa hoseng; ere ha leru le phahama hoseng, ebe ba tswele pele leetong. Kapa haeba leru le phahama motsheare kapa bosiu, ebe ba tswela pele leetong.


“Le se ke la di tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, o teng hara lona, mme ke Modimo e moholo, ya tshabehang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos