Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le ha leru le ne le dula hodima tabenakele matsatsi a seng makae, ba ne ba emisa ka taelo ya Jehova, mme ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ka matsatsi a seng makae; ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba dule diahelong, mme ka taelo ya Morena ebe ba tswela pele leetong.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:20
8 Referencias Cruzadas  

Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.


O tshepe Jehova ka pelo ya hao yohle, o se ke wa itshepa hlalefo ya hao.


O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.


Ya eba hona ba qalang ho tloha ka taelo ya Jehova, eo ba e neilweng ka Moshe.


Bana ba Iseraele ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova, ba ne ba emisa hape ka taelo ya Jehova. Ha leru le ne le ntse le dutse hodima tabernakele, ba ne ba hlola ba emisitse.


Ha leru le ne le duladula halelele hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba ela taelo ya Jehova hloko, mme ba ne ba sa tlohe.


Leha leru le ne le dula teng ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, mme le ne le phahama hosasa, ba ne ba tloha; ha leru le ne le phahama kamora letsatsi le le leng le bosiu bo le bong, ba ne ba tloha.


O se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, Modimo o moholo, o tshabehang, o ha eno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos